Lefapha le etse hloko hore mathata a mangata a fapaneng, e seng a tswang mosebetsing wa motho feela, empa le mererong ya kahisano, a ka ba le sephetho ho mokgwa oo motho a phethang mosebetsi wa hae ka teng, mme haebe ha ho na letho le etsuwang ka hoo ho sa qala, mathata ao a ka ba mabe le ho feta.
Lefapha le dumela hore ho molemong wa mosebetsi, ba lelapa la hae le Lefapha la Phumantsho ya Matlo ho thea Lenaneo la Boitekanelo ba Basebetsi le tla fana ka ditshebeletso tseo sepheo sa tsona e leng ho laola mathata a kahisano a amang mokgwa oo motho a phethang mosebetsi wa hae ka teng. Mathata ana a kenyelletsa lelapa, semoya, kgatello moyeng ha o le mosebetsing, bothata ba ditjhelete, bothata ba molao, ho hlonama, dikamano, ho sithabela, jwala/dithethefatsi, dintwa tsa mosebetsing kapa dintwa tsa malapeng, jj.
Lenaneo la Boitekanelo ba Basebetsi ke sesebediswa seo ka sona lefapha le fanang ka mohlodi wa profeshene e hodimo haholo hape wa sephiring wa ho thusa basebetsi bohle ba:
Nang le mathata motho ka boyena/kapa mosebetsing mme a amana le boitshwaro hoo qetellong a ka amang le mokgwa oo motho a phethang mosebetsi wa hae ka teng;
Batlang ho thibela mathata hore a se ba hlahele.
Ke ka baka lang ho lokelang ho ba le Lenaneo la Boitekanelo ba Basebetsi (EWP)?
Bakeng sa hore le fane ka ditshebeletso tsa tokiso le tshehetso ho basebetsi ba lefapha ho ba thusa hore ba shebane le mathata a phedisano a ntseng a le teng,
Bakeng sa ho fana ka ditshebeletso tsa thibelo kapa tsa ho ikamahanya.
Na ke bafe baamohedi ba Lenaneo la Boitekanelo ba Basebetsi (EWP)?
Mosebetsi ka Mong: Basebetsi ba Lefapha mmoho le ditho tsa malapa a bona. Lenaneo la EWP le thusa basebetsi ho boloka tekano pakeng tsa mosebetsi wa bona, lelapa le phedisanong, mme le na le kabelo ntlafatsong ya tlhahiso ya basebetsi e be le ba thusa ho boloka mesebetsi ya bona.
Mekgatlo ya basebetsi: Tshebedisano e matlafaditsweng ya ho rarolla mathata a basebetsi pakeng tsa Lefapha la Phumantsho ya Matlo le Mekgatlo ya Basebetsi, mohlala, maiteko a kopanetsweng a tsosoloso ya mosebetsi mme hona ho itshetlehile nyeweng ya kgalemo.
Lefapha: Ho thusa lefapha ho boloka basebetsi ba nang le bokgoni hape bao e leng ba bohlokwa ho lona. Basebetsi ba phetseng hantle hape ba thabileng ba bolela ho se be teng ha bao ba sa tleng mosebetsing, moya o ntjhafetseng wa tshebedisano le ho tshepahala ho lefapha, kuno e tlase ya ho lefa basebetsi le ho sebetsa nako e telele bophelong ba motho, ekasitana le seriti se ntlafetseng sa mokgatlo.
Mananeo a ho Kena Dipakeng a Lenaneo la Boitekanelo ba Basebetsi (EWP):
Therisano/dikeletso tsa bongaka
Ho fumana dikeletso tsa pele le ka morao ho Diteko tsa HIV/AIDS
Ho kena dipakeng moo ho nang le mathata
Hlahlobo le ho romela lenaneong
Ho lebela
Ho latella taba
Therisano tse mabapi le tsamaiso
Ho romelwa lenaneong ke Suphavaesa
Ho romelwa lenaneong ka mokgwa o sa lateleng tshebetso tse tlwaelehileng
Ho romelwa lenaneong ka mokgwa o latelang tshebetso tse tlwaelehileng
O ikela ka bowena lenaneong
Ho romelwa ka baka la ho tlameha
Therisano tse mabapi le ditlhophiso
Lenaneo la EWP le fana ka ditherisano ka maano le mekgwatshebetso ya mosebetsing e leng yona ya bohlokwa bakeng sa ho rarolla ditaba tsa mokgatlo tse nang le sephetho boitekanelong le ntshetsopeleng ya basebetsi, mohlala, maano a mabapi le dintwa tsa mosebetsing, bokgoni ba dintho tsa bophelo, jj.
Therisano ya Suphavaesa/Motsamaisi/Moemedi wa Basebetsi
Lenaneo la EWP le tla rerisana ka bonngwe le Disuphavaesa, Batsamaisi le Baemedi ba Basebetsi mabapi le tsamaiso le ho romelwa lenaneong ha basebetsi mabapi le tshebetso le mathata a mang a boitshwaro.
Lenaneo la Promoushene/Thekiso
Lenaneo la EWP le tla etsa bonnete ba hore ho ba le disebediswa tsa promoushene mme hape di a sebediswa ekasitana le diketsahalo tsa thuto tse kgothaletsang tshebediso ya lenaneo ke basebetsi maemong ohle le ba ditho tsa malapa a bona, mohlala, batsamaisi, disuphavaesa, baemedi ba basebetsi le moifo ka kakaretso.
Thupelo ya Batsamaisi, Disuphavaesa le Baemedi ba Basebetsi
Ho ntlafatsa mosebetsi wa EWP ka hara lefapha.
Metheo e Tshehetsang Lenaneo la Boitekanelo ba Basebetsi (EWP)
Sephiri
Phihlelo
Ho ba mahareng
Ho ba le seabo ka boithaopo
Ho se ahlole
Lenaneo le lekanang
Seabo le boikarabelo
Botsamaisi bo Phahameng:
Seabo le boikarabelo ba botsamaisi bo phahameng ke ho ananela le ho tshehetsa lenaneo ka mokgwa o bonahalang. Mosebetsi ona o mahetleng a botsamaisi bo phahameng ho bona hore lenaneo lena le kengwa tshebetsong.
Basebetsi:
Mosebetsi ka mong ka tlwaelo o boemong bo botle ba ho hlwaya hore na yena o na le mathata a bang le sephetho se sa lokang mosebetsing wa hae na. Ke ka hoo basebetsi ba nang le tokelo le boikarabelo ba ho batla thuso ho EWP e be ba sebedisana le yona ha ba ka fuwa thuso eo.
Disuphavaesa DI LOKELA HO ETSA HO LATELANG
Boikarabelo bo ka sehloohong ba disuphavaesa lenaneong ke ho hlwaya le ho romela basebetsi ba hlokang thuso lenaneong la EWP.
Ho fadimeha ka ho tswela pele ba lebetse diphetoho tsa mokgwa wa boitshwaro ba basebetsi ba leng tlasa bolebedi ba hae.
Ho tsebisa basebetsi hore dintlha tsohle tsa lenaneo lena ke sephiri.
Ho ngola fatshe boitshwaro bohle bo sa amohelehang, ho ba teng mosebetsing le ho phetha mosebetsi ka tsela e sa fihleleng maemo a amohelehileng a beuweng.
Ho bopa moya o tshwanetseng bakeng sa ho tsekisano mme tsekisano e be le dintlha tse utlwahalang, ho ena le akaretsa menyenyetsi.
Ho lebela mokgwa oo basebetsi ba sebetsang ka teng mme a kene dipakeng ha tshebetso e ntse e tswela pele ho theoha, athe hona a ho etse ka ho romela basebetsi bao lenaneong la EWP.
A fane ka tshusumetso basebetsing ba e hlokang
Ho phethahatsa seabo sa tshehetsang mosebetsing a ntse a tswela pele ka ho lokisa/eletsa. Ka nako eo a ntseng a lokisa le ka mora moo, suphavaesa o lokela ho thusa kgutlisetsa mosebetsi eo boemong bo tshwanetseng ba tshebetso.
Ho sheba dintlha tse nang le tshepo mmoho le matla, mme a be le kutlwelo ditlhokong tsa mosebetsi.
A fane ka pehelo ho Mohokahanyi wa EWP mabapi le ho phethwa ha mosebetsi ka nako ya tokiso/keletso.
Disuphavaesa HA DI A TSHWANELA HO
Leka ho hlahlobisisa mathata a motho, o ahlola kapa ho tshwaya diphoso ka mokgwa o sa thuseng.
Bua ka mathata a basebetsi ba bang le basebetsi mmoho ba bang.
Ho kgutlisetsa morao taba e mabapi le kgohlano
Ho tlohela ho theoha ha boemo ba tshebetso a sa etse letho ka bona.
Bua ka hore na mosebetsi o na le mathata a tobaneng le yena ka seqo kapa the kapa a leke ho mo eletsa.
Kgeloswa ke maano a amanang le kutlwelo.
Ameha ketsahalo tsa ho kwala ho etsahetseng mabapi le bothata ba mosebetsi.
Ho ntsha mosebetsi ya neng a sa kgotsofala pejana ntle le ho mo thusa ka lenaneo la EWP.
Na o ka romela motho lenaneong lena neng:
Ha a dula a se mosebetsing, a nka llifi e sa rerwang, a sa tle mosebetsing tlasa mabaka a sa hlokeheng, a dieha ho fihla mosebetsing, mme a tsamaya pele ho nako mosebetsing.
Ho nka llifi ya ho kula kgafetsa mme ho se na lengolo la bopaki ba hoo ho tswa ngakeng.
Tlhahiso e theohileng, bohlaswa, ho lebala haholo, ho ferekana kelello, tsepamiso ya monahano e fokolang le mosebetsi wa boleng bo tlase.
Phetoho ya boitshwaro, ka moo a arabelang ka teng dinthong, ho tshwenyeha ha hae, ho se tshepehe, a nka nako e ngata haholo a le thelefounung, ho di e-mail, jwalojwalo.
Ha ho na le ho fetoha tjhebahalo kapa bohlweki ba hae.
A sa kopane le basebetsi ba bang mme ka mehla o mong.
Baemedi ba Mokgatlo wa basebetsi:
Phehella tabeng ya thibelo le ya ho hlwaya le ho kena dipakeng nako e sa le teng mathateng ao mosebetsi a nang le ona.
Rerisana, kgodisa mme o kgothatse basebetsi ba nang le mathata hore ba batle thuso ha ho ka etseha hore mathata ao a bona a tsejwe ke Mokgatlo wa basebetsi.
E ba le seabo mme o thuse mananeong a thuto ao sepheo sa ona e leng ho shebana le mathata a basebetsi.
Basebetsi:
Mosebetsi ka mong ka tlwaelo o boemong bo botle ba ho hlwaya hore na yena o na le mathata a bang le sephetho se sa lokang mosebetsing wa hae na. Ke ka hoo basebetsi ba nang le tokelo le boikarabelo ba ho batla thuso ho EWP e be ba sebedisana le yona ha ba ka fuwa thuso eo.
Phihlelo ya Tshebeletso:
Ditshebeletso tsa EWP mmoho le tlhahisoleseding di ka fihlelwa ka:
Ho romelwa: e ka ba ka mokgwa o tlwaelehileng, mokgwa o sa tlwaelehang, ka bowena kapa ka mokgwa o tlamang
Diapoentemente
Disebediswa tsa ho bala (diphamfolete)
Ka thelefounu kapa ka mokgwa wa elektroniki
Mathata a hao jwalo ka motho ha a sale ka ntle ha o kena mosebetsing o qala ho sebetsa, ona a kena le wena. Jwalo ka metjhini feela, batho le bona ba tshwanelwa ho lokiswa bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ho ba le phumantsho e ntlafetseng ya ditshebeletso le moifo o sebetsang hantle haholo hape o thabileng.?
Ha o batla ho tseba haholwanyane ka Lenaneo la Boitekanelo ba Basebetsi le ka Ditshebeletso o kotjwa hore o iteanye le: Mmamolato Kganyago (Mohokahanyio wa EWP)
Mohala: 012 421 1485, Fekse: 086 615 0313, Nomoro ya Ofisi 217,
